Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALO KA MOKRESTE

Lipina Tsa ’Muso li re Tsosa Molota

Lipina Tsa ’Muso li re Tsosa Molota

Pauluse le Silase ba ne ba rorisa Molimo ka ho bina ha ba ntse ba le teronkong. (Lik 16:25) Mehleng ena, Lipaki tse ling li ile tsa bina lipina tsa ’Muso ha li ntse li le kampong ea mahloriso ea Manazi e Sachsenhausen Jeremane. Le ha li lelekiloe naheng ea ha bo tsona li isitsoe Siberia li ne li ntse li bina. Mehlala ena e bontša kamoo lipina tsa ’Muso li ka thusang Bakreste hore ba be sebete ha ba hlaheloa ke liteko.

Haufinyane buka ea lipina e ncha e nang le sehlooho se reng ‘Binelang Jehova le Thabile’ e tla ba teng ka lipuo tse ling. Ha re se re iphumanetse eona, re ka bina lipina tsena nakong ea borapeli ba lelapa e le hore re li tšoare ka hlooho. (Ef 5:19) Ha re etsa joalo, moea o halalelang o tla re thusa hore re li hopole ha re hlaheloa ke liteko. Lipina tsa ’Muso li ka re thusa hore re lule re e-na le tšepo. Li ka re khothatsa ha re e-na le mathata. Ha re thabile, mantsoe a tsona a ka re thusa ho ‘binela Jehova re thabile’ ka lebaka la boikutlo bo botle ba pelo. (1Ko 15:16; Pes 33:1-3) E se eka kaofela ha rona re ka bina lipina tsena tsa ’Muso!

SHEBELLA VIDEO EA PINA E ILENG EA KHOTHATSA BARAB’ABO RONA. EBE LE BUISANA KA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke maemo afe a ileng a susumelletsa Mora’bo rona Frost hore a qape pina?

  • Pina eo e ile ea khothatsa barab’abo rona ba neng ba le kampong ea mahloriso e Sachsenhausen joang?

  • Ke maemong afe bophelong ba letsatsi le letsatsi moo lipina tsa ’Muso li ka u matlafatsang?

  • Ke lipina life tsa ’Muso tseo u ka thabelang ho li tšoara ka hlooho?