Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALO KA MOKRESTE

Ba Amohele ka Mofuthu

Ba Amohele ka Mofuthu

Re lokela ho amohela bo-mang ka mofuthu? Re lokela ho amohela motho e mong le e mong ea tlang libokeng tsa rona, ebang o qala ho tla kapa ha a qale. (Bar 15:7; Heb 13:2) Bana ba akarelletsa balumeli-’moho le rona ba tsoang linaheng tse ling ba etileng, kapa ba neng ba se ba khathetse ba tlileng libokeng ka mor’a nako e telele. U ne u ka ikutloa joang haeba u ne u le e mong oa bona? Na u ne u sa tl’o thabela ho amoheloa ka mofuthu? (Mat 7:12) Kahoo, re kopa hore u ikitlaelletse ho lumelisa batho bohle ba ka holong ha u fihla pele liboka li qala le ha li tsoa. Sena se tla etsa hore ho rene khotso ka phutheho, ’me ho boetse ho thabisa Jehova. (Mat 5:16) Ke ’nete hore ho ka ’na ha se khonehe hore u qoqe le motho e mong le e mong ea ka holong. Empa bohle ba tla ananela taba ea hore entse boiteko. *

Ha rea lokela ho amohela baeti ka mofuthu ha ba tlileng Sehopotsong feela, empa e lokela ho ba tloaelo ea rona. Ha batho ba qalang ho tla sebokeng ba bona kamoo re ratanang kateng, ba ka ’na ba thabela ho ba Lipaki Tsa Jehova.—Joh 13:35.

^ ser. 3 Melao-motheo ea Bibele e re thibela ho lumelisa batho ba khaotsoeng le ba ikarotseng ka phuthehong ba tlileng sebokeng.—1Ko 5:11; 2Jo 10.