Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

TSOHA!

Potso: Morao tjena lifilimi le mananeo a thelevishene a atisa ho bontša lintho tse amang le bodemona joaloka boselamose, baloi, le batho ba noang mali. U nahana joang ka taba ee? Na ke ho itlosa bolutu feela kapa mananeo aa a kotsi?

Buella Sengoliloeng: Makasine ena ea Tsoha! e hlalosa mabaka ao ka ona batho ba ratang lintho tse amanang le bodemona le hore na bo qalile joang.

RUTA MOLAETSA OA BIBELE

Potso: ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata a batho joang?

Lengolo: Mat 6:10

Molaetsa oa Bibele: ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso, batho ba tla utloana ’me ho be le tšireletseho joalokaha ho etsahala leholimong.

’MUSO OA MOLIMO KE’NG? (Leeto la ho Boela)

Potso: [Botsa potso e ka morao pampitšaneng.] Bophelo bo tla ba joang ha ’Muso oa Molimo o se o busa?

Mangolo: Pes 37:29; Esa 65:21-23

Buella Sengoliloeng: [Fana ka bukana ea Litaba Tse Molemo.] Thuto ea 7 ea bukana ena e hlalosa kamoo litšepiso tsena li ka re thusang kateng. [Qala ho ithuta Bibele le motho u sebelisa bukana ena.]

NGOLA SEO U TLA SE BUA

Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.