Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

U ka Itokisetsa Sehopotso Joang?

U ka Itokisetsa Sehopotso Joang?

Ho qala selemong sena, re tla ba le nako e ngata ea ho itokisetsa Sehopotso sa lefu la Kreste. Ha Sehopotso se le har’a beke, ho ke ke ha e-ba le Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona bekeng eo. Ha Sehopotso se le mafelong a beke, ho ke ke ha e-ba le seboka sa Thuto ea Molula-Qhooa le puo ea phatlalatsa. U tla sebelisa nako ee joang? Re lokela ho etsa litlhophiso bakeng sa mokete ona, joalokaha li ne li etsoa mehleng ea Jesu. (Lu 22:​7-13; km 3/15 1) Empa kaofela ha rona re lokela ho lokisa lipelo tsa rona e le hore re tle re rue molemo ketsahalong eo. Re ka etsa seo joang?

Ba bang ba bala ’malo oa Bibele oa Sehopotso o hlahang bukeng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla, ebe ba thuisa ka ’ona. Ba bang ba bala litemana tsa Bibele tse hlahang chateng e ka tlaase mona. Empa ba bang bona ba bala lihlooho tsa Molula-Qhooa tse buang ka Sehopotso le kamoo Jehova le Jesu ba bontšitseng hore ba rata batho kateng, ebe ba buisana ka tsona. Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa mokhoa ofe ho matlafatsa tumelo ea hao, e se eka kamano ea hao le Jehova le Mora oa hae e ka ba matla le ho feta.