Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 13-La 19 April

GENESE 31

La 13-La 19 April

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • Jakobo le Labane ba Etsa Selekane sa Khotso”: (10 mets.)

    • Gen 31:​44-46​—Jakobo le Labane ba etsa mokolokotoane oa majoe ’me kamor’a hore ba etse khotso ba jella holim’a oona (it-1-E 883 ¶1)

    • Gen 31:​47-50​—Ba ile ba re sebaka seo ke Galede le Tora ea ho Lebela (it-2-E 1172)

    • Gen 31:​51-53​—Ba ile ba tšepisana hore ba ke ke ba loantšana

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)

    • Gen 31:19​—E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Ragele a ile a utsoa litšoantšo tsa terafime tsa ntate oa hae? (it-2-E 1087-1088)

    • Gen 31:​41, 42​—Mohlala oa Jakobo o ka re thusa joang haeba bahiri ba rona e le batho “bao ho leng thata ho ba khahlisa”? (1Pe 2:​18; w13 3/15 21 ¶8)

    • ’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Gen 31:​1-18 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video ea Leeto la Pele: (4 mets.) Puisano. Bapala video ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang: Morali’abo rona o ile a hlakisa lengolo hantle joang? O ile a etsa’ng e le hore a tle a khutlele ho mong’a ntlo hape?

  • Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Araba motho ea etsang khang ka ntho eo hangata batho ba tšimong ea lona ba etsang khang ka eona. (th khaolo ea 4)

  • Leeto la Pele: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Kamor’a moo, fa mong’a ntlo bukana ea Litaba Tse Molemo ebe le qalella ho ithuta thuto ea bohlano. (th khaolo ea 8)

PHELA JOALOKA MOKRESTE