Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ntho ea Bohlokoahali ke Efe ho ’Na?

Ntho ea Bohlokoahali ke Efe ho ’Na?

Jakobo o ile a loana le lengeloi e le hore a fumane ntho e ’ngoe ea bohlokoa, eleng tlhohonolofatso ea Jehova. (Gen 32:​24-31; Ho 12:​3, 4) Ho thoe’ng ka rona? Na le rona re loanela ho mamela Jehova e le hore a tl’a re hlohonolofatse? Mohlala, haeba re lokela ho khetha pakeng tsa ho ea libokeng le ho sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi re ka khetha’ng? Haeba re fa Jehova nako, matla le matlotlo a rona, o tla re hlohonolofatsa ‘ho fihlela ho se ho se letho leo re le hlokang.’ (Mal 3:​10) O tla re sireletsa, a re tataise le ho re fa lintho tseo re li hlokang.​—Mat 6:​33; Heb 13:5.

SHEBELLANG VIDEO EA LULA U AMEHILE KA HO SEBELETSA JEHOVA FEELA, EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Morali’abo rona o ile a lekoa ke ntho eo a neng a e rata joang?

  • Mosebetsi oa rona e ka ba teko ho rona joang?

  • Le hoja Timothea a ne a le matla tumelong, ke hobane’ng ha a ne a lokela ho lula a ntlafatsa tsela eo a sebeletsang Molimo ka eona?​—1Ti 4:16

  • Ntho ea bohlokoa ke efe bophelong ba hao?

    Re ka bontša joang hore na mosebetsi oa bohlokoa bophelong ba rona ke ofe?