Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

“Lahlang Melimo Esele”

“Lahlang Melimo Esele”

Jakobo o ne a tseba hore Jehova o hloka boinehelo bo khethehileng. Ka nako eo, Jehova o ne a e-so ka a fana ka molao oa hore batho ba se ke ba rapela litšoantšo. (Ex 20:​3-5) Kahoo, Jakobo o ile a laela batho bohle bao a neng a e-na le bona hore ba lahle litšoantšo tsohle tse rapeloang ka mor’a hore Jehova a mo bolelle hore a khutlele Bethele. Jakobo o ile a lahla litšoantšo tseo hammoho le masale ao batho ba neng baa roala e le hore ba itšireletse ho meea e litšila. (Gen 35:​1-4) Re kholisehile hore Jehova o ile a thabisoa ke liketso tsena tsa Jakobo.

Mehleng ee, re ka bontša joang hore re inehetse ho Jehova feela? Re ka qoba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le borapeli ba litšoantšo kapa ho sebelisana le bademona. Taba ena e bolela ho lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le boselamose ’me re be re hlahlobe le boithabiso ba rona hantle. Mohlala, ipotse: ‘Na ke thabela ho bala libuka kapa ho shebella lifilimi tse hlahisang lithotsela kapa lintho tse phahametseng matla a tlhaho? Na li hlahisa boselamose kapa ho betsa batho ba bang ka mantsoe a boloi e le boithabiso feela bo seng kotsi?’ Re lokela ho qoba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e hloileng.​—Pes 97:10.

SHEBELLANG VIDEO EA “HANYETSANG DIABOLOSE” EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke mathata afe ao Palesa a ileng a kopana le ’ona?

  • Haeba uena, motho eo u ithutang Bibele le eena kapa motho e mong feela eo u mo tsebang a hlaseloa ke bademona, ke hobane’ng ha ho le bohlale ho kopa thuso ho baholo?

  • Hanyetsa Diabolose ’me u atamele haufi le Molimo.​—Jak 4:​7, 8

    Ke lintho life tseo re lokelang ho li lahla haeba re batla ho thabisa Jehova?

  • Ke qeto efe e bohlale eo Palesa a ileng a etsa?

  • Ke lintho life tseo u ka li etsang moo u lulang e le hore u qobe ho hlaseloa ke bademona?