La 6-La 12 April
Labobeli, la 7 April 2020—Sehopotso sa Lefu la Jesu
Selemo se seng le se seng, nakong ea Sehopotso, Bakreste ba bangata ba nahanisisa ka lerato leo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba ba bontšitseng lona. (Joh 3:16; 15:13) U ka sebelisa chate ena hore u fumane lengolo ka har’a likosepele le hlalosang hore na Jesu o ile a etsa’ng Jerusalema pele ho lefu la hae. Liketsahalo tsena ho buuoa ka tsona khaolong ea 101 ho isa ho ea 131 bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lerato leo Molimo le Jesu ba u ratang ka lona le u susumetsa joang?—2Ko 5:14, 15; 1Jo 4:16, 19.
TŠEBELETSO EA HO QETELA EA HA JESU A LE JERUSALEMA
Nako |
Sebaka |
Ketsahalo |
Matheu |
Mareka |
Luka |
Johanne |
---|---|---|---|---|---|---|
La 8 Nisane 33 (La 1-La 2 April, 2020) |
Bethani |
Jesu o fihla matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka |
|
|
|
|
La 9 Nisane (La 2-La 3 April, 2020) |
Bethani |
Maria o mo tšela ka oli hloohong le maotong |
|
|||
Bethani-Bethefage-Jerusalema |
O kena Jerusalema ka tlholo, a palame esele |
|||||
La 10 Nisane (La 3-La 4 April, 2020) |
Bethani Jerusalema |
O rohaka sefate sa feiga; o hloekisa tempele hape |
|
|||
Jerusalema |
Baprista ba ka sehloohong le bangoli ba rera ho bolaea Jesu |
|
|
|||
Jehova oa bua; Jesu o profeta hore o tl’o shoa; ho se mamele ha Bajuda ho phethahatsa boprofeta ba Esaia |
|
|
|
|||
La 11 Nisane (La 4-La 5 April, 2020) |
Bethani Jerusalema |
O ruta ka sefate sa feiga |
|
|
||
Jerusalema, tempele |
Bobusi ba hae boa lekoa; papiso ea bara ba babeli |
|
||||
Lipapiso: balemi ba bolaeang, mokete oa lenyalo |
|
|||||
O araba lipotso tse mabapi le Molimo le Cesare, tsoho le taelo e kholo |
|
|||||
O botsa batho hore na Kreste ke mora oa Davida |
|
|||||
O re bangoli le Bafarisi ba mali-mabe |
|
|||||
O bona mohlolohali a ntša monehelo |
|
|
||||
Thaba ea Mehloare |
O fana ka lipontšo tsa ho ba teng ha hae |
|
||||
Lipapiso: baroetsana ba leshome, litalenta, linku le lipoli |
|
|
|
|||
La 12 Nisane (La 5-La 6 April, 2020) |
Jerusalema |
Baeta-pele ba Bajuda ba leka ho mo bolaea |
|
|||
Judase o batla menyetla ea ho mo eka |
|
|||||
La 13 Nisane (La 6-La 7 April, 2020) |
Jerusalema le pel’a teng |
O lokisetsa Paseka ea ho qetela |
|
|||
La 14 Nisane (La 7-La 8 April, 2020) |
Jerusalema |
O keteka Paseka le baapostola ba hae |
|
|||
O hlatsoa maoto a baapostola ba hae |
|
|
|
|||
Jesu oa hlalosa hore o tla ekoa ke Judas ebile oa mo leleka |
||||||
O theha mokete oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena (1Ko 11:23-25) |
|
|||||
O profeta hore Petrose o tla mo latola le hore baapostola ba tla qhalakana |
||||||
O ba tšepisa mothusi; papiso ea sefate sa morara sa ’nete; taelo ea ho ratana; thapelo ea ho qetela le baapostola |
|
|
|
|||
Gethesemane |
Mahlomola serapeng; Jesu oa ekoa ebile oa tšoaroa |
|||||
Jerusalema |
Anase o mo hloma lipotso; o qosoa ka pel’a Kaifase, Sanhedrine; Petrose oa mo latola |
|||||
Moeki oa hae Judas oa ipolaea (Lik 1:18, 19) |
|
|
|
|||
O ema ka pel’a Pilato, ka mor’a moo o ea ho Heroda ’me o khutlela ho Pilato hape |
||||||
Pilato o batla ho mo lokolla empa Bajuda ba batla hore ho lokolloe Barabase; o ahloleloa lefu thupeng ea tlhokofatso |
||||||
(ka bo 3 mantsiboea) |
Golgotha |
O shoella thupeng ea tlhokofatso |
||||
Jerusalema |
Setopo sa hae se tlosoa thupeng se patoa lebitleng |
|||||
La 15 Nisane (La 8-La 9 April, 2020) |
Jerusalema |
Baprista le Bafarisi ba batla batho ba lebelang lebitla ebile ba le koala ka thata |
|
|
|
|
La 16 Nisane (La 9-La 10 April, 2020) |
Jerusalema le metse e pel’a teng; Emmause |
Jesu oa tsosoa; o hlaha ka makhetlo a mahlano ho balateli ba hae |
||||
Ka mor’a la 16 Nisane |
Jerusalema; Galilea |
O itlhahisa hape ho balateli ba hae (1Ko 15:5-7; Lik 1:3-8); litaelo; o laela hore ho etsoe mosebetsi oa boboleli |
|
|