Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Batho bohle ba hloka matšeliso. (Moe 4:1) Khoeling ea September, re tla be re sebetsa ka thata re aba Molula-Qhooa o nang le sehlooho se fanang ka matšeliso. Ikemisetseng ho abela batho bohle makasine ena. Kaha re rata ho buisana le batho e le hore re ba tšelise, re ke ke ra siea limakasine tsa rōna matlong a se nang batho.

SEO RE KA SE BUANG

“Ho na le linako tseo kaofela re hlokang matšeliso. Empa re ka a fumana hokae? [Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.] Molula-Qhooa ona o bontša kamoo Molimo a ka re tšelisang kateng.”

Haeba motho a thahasella ’me a amohela makasine, . . .

MO BAPALLE VIDEO EA SEHLOOHO SE RENG KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO ITHUTA BIBELE?

Ebe u mo kōpa hore a ithute Bibele le uena.

MO BOLELLE HORE NA LE TLA BUISANA KA ENG NAKONG E TLANG

Botsa potso eo u tla e araba ha u khutla, e kang, “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola?