Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ruta Molaetsa oa Bibele

Ruta Molaetsa oa Bibele

Ho qala ka September, Kemiso ea Liboka Tsa Bophelo le Tšebeletso ea Rōna e tla ba le sehlooho se secha se reng “Ruta Molaetsa oa Bibele” se tla re bontša mehlala ea seo re ka se buang le batho. Sepheo sa rōna ke ho bontša batho seo Bibele e se rutang ka hore re ba botse potso ebe re ba balla lengolo.

Ha re bona motho a thahasella, re ka mo fa sengoliloeng se seng kapa ra mo bontša video e ho jw.org eo re ka buang le eena ka eona ha re kopana hape. Re lokela ho khutlela ho eena kapele e le hore re ntšetse pele puisano ea rōna ea nakong e fetileng. Mehlala ea seo re ka se buang le batho le lipuo tsa liithuti sebokeng sa E-Ba Mafolofolo Mosebetsing oa Boboleli li tla thehoa lihloohong tsa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Lintlheng tse hlahang qetellong ea khaolo bukeng eo re ka fumana mangolo a mang a ka re thusang ho etsa maeto a ho boela kapa ho khanna lithuto re sebelisa Bibele feela.

Ho na le tsela e le ’ngoe feela e isang bophelong. (Mat 7:13, 14) Kaha re bua le batho ba litumelo tse fapaneng le ba hōlisitsoeng ka litsela tse fapaneng, re lokela ho bua le bona ka litaba tsa Bibele tseo ba ka li thahasellang. (1Ti 2:4) Ha re ntse re tloaela ho buisana le batho ka lihlooho tse fapaneng tsa Bibele, re tla ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ’me re tla thaba haholo, hape re tla atleha ha re ruta ba bang.—2Ti 2:15.