Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Thabela ho Rorisa Jehova ka ho Bina

Thabela ho Rorisa Jehova ka ho Bina

Pauluse le Silase ba ile ba rorisa Jehova ka lipina ha ba ntse ba le teronkong. (Lik 16:25) Ha ho potang hore ho etsa joalo ho ile ha ba matlafalletsa ho mamella liteko. Na le mehleng ee ho bina ho ka re matlafatsa? Lipina tse binoang libokeng le tse hlahang khasong ea khoeli le khoeli ea JW, li ka re tsosa molota le ho matlafatsa tumelo ea rona ha re le tlas’a liteko. Habohlokoa le ho feta, re rorisa Jehova ka tsona. (Pes 28:7) Haesale re khothaletsoa ho tšoara ka hlooho mantsoe a lipina tsa rona. Na re se re li tseba ka hlooho? Re ka ithuta mantsoe a tsona ka hore re li bine nakong ea borapeli ba lelapa.

SHEBELLANG VIDEO EA BANA BA RORISA JEHOVA KA PINA. KA MOR’A MOO, ARABANG LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Lipina tseo re li binelang Jehova li ka re ama joang?

  • Lefapha la Audio/Video le hlophisa ho rekota lipina joang?

  • Bana le batsoali ba bona ba itokisetsa ho ea rekota lipina ka ho etsa’ng?

  • Har’a lipina tseo re li binelang Jehova, ke efe eo u e ratang haholo, hona hobane’ng?