Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea ho Phela

Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea ho Phela

Bacha ba na le menyetla e mengata ea ho sebeletsa Jehova. Shebella video ea Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea ho Phela ’me u bone kamoo mocha ea bitsoang Cameron a ileng a etsa liqeto tse bohlale kateng bophelong ba hae. Ka mor’a moo araba lipotso tse latelang. (Kena ho jw.org, ’me u shebe LITHUTO TSA BIBELE > BACHA.)

  • Ke ntho efe eo Cameron a ’nileng a e nka e le ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae?

  • O ile a atolosa tšebeletso ea hae neng hona o ile a etsa seo joang?

  • O ile a etsa’ng e le hore a itokisetse ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo naheng e ’ngoe?

  • Cameron o ile a ba le mathata afe ha a ntse a sebeletsa naheng e ’ngoe?

  • Ke melemo efe eo motho a ka e fumanang ha a sebeletsa Jehova sebakeng seo a e-s’o ka a sebeletsa ho sona?

  • Cameron o ile a fumana mahlohonolo afe?

  • Ke hobane’ng ha ho sebeletsa Jehova ho etsa hore bophelo bo be monate?

  • Bacha ba na le menyetla efe ea ho sebeletsa Jehova?