Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Memela e Mong le e Mong Tšimong ea Heno Sehopotsong!

Memela e Mong le e Mong Tšimong ea Heno Sehopotsong!

Nakong ea phutuho e tla qala ka la 27 February re tla mema batho ba bangata kamoo re ka khonang hore ba be teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Re lokela ho ela hloko batho ba thahasellang e le hore re khutlele ho bona.

MEHATO EO RE LOKELANG HO E NKA

BUELLA SEMEMO

“Re ntse re memela batho ketsahalong ea bohlokoa haholo. Ka la 23 March, batho ba limilione lefatšeng lohle ba tla bokana ho ikhopotsa lefu la Jesu Kreste ’me ba tla mamela puo e thehiloeng Bibeleng, e hlalosang hore na lefu la hae le re tsoela molemo joang. Ha ho ntšoe koleke. Memong ena ho bontšitsoe nako le sebaka. Re kōpa u tle.”

Haeba motho a thahasella . . .

  • MO FE MOLULA-QHOOA

    Mo bolelle hore na le tla buisana ka eng nakong e tlang.

  • MO BONTŠE VIDEO EA SEHOPOTSO

    Bolela hore na le tla buisana ka eng nakong e tlang.

Ha u khutlela ho eena, u ka . . .

  • MO BONTŠE VIDEO EA KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO ITHUTA BIBELE?

    Mo fe sengoliloeng seo re ithutang Bibele le batho ka sona.

  • MO FE BUKA EA HA E LE HANTLE KE ENG SEO BIBELE E SE RUTANG?

    Mo hlalosetse hore na Sehopotso ke eng, u sebelisa leqephe la 206-208. Ka mor’a moo mo fe buka.

  • MO FE BUKANA EA MAMELA MOLIMO

    Mo hlalosetse hore na ke hobane’ng ha Kreste a ile a shoa, u sebelisa leqephe la 18-19. Ka mor’a moo u mo fe bukana.