Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESTHERE 1-5

Esthere o Ile a Buella Batho ba Molimo

Esthere o Ile a Buella Batho ba Molimo

Esthere o ile a bontša tumelo le sebete ha a ne a sireletsa batho ba Molimo

  • Ha motho a ne a ka ea ho morena a sa bitsoa, o ne a ka bolaoa. Ho ile ha feta matsatsi a 30 Esthere a sa bitsoe ntlong ea morena

  • Morena  Assueruse eo hape ho ka etsahalang hore o bitsoa Xerxese I, e ne e le motho ea bohale. Ka letsatsi le leng morena enoa o kile a laela hore monna e mong a khaoloe likoto ’me a behoe moo batho bohle ba bonang e le temoso ho ba bang. O ile a boela a tlosa Vashti hore e se ke ea hlola e e-ba Mofumahali hobane a sa ka a mo mamela

  • Esthere o ile a tlameha ho bolella morena hore ke Mojuda, a be a mo kholise hore moeletsi oa hae ea mo tšepang o mo qhekelletse