Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

“Hlompha Ntate oa Hao le ’Mè oa Hao”

“Hlompha Ntate oa Hao le ’Mè oa Hao”

Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a hatisa bohlokoa ba ho mamela taelo ena e reng: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Ex 20:12; Mat 15:4) Jesu o ile a bua ka taba ena ka phatla e phahemeng hobane eena ha a ntse a hola o ile ‘a tsoela pele ho mamela.’ (Lu 2:51) Ha a se a le moholo ’me a le haufi le ho shoa, o ile a etsa bonnete ba hore ka mor’a lefu la hae, ’mè oa hae o tla hlokomeleha hantle.—Joh 19:26, 27.

Le mehleng ena, bacha ba Bakreste ba bontša hore ba hlompha batsoali ba bona ka hore ba buisane le bona ka tlhompho. Ha e le hantle, taelo ea hore re hlomphe batsoali ba rona ha e felloe ke nako. Leha batsoali ba rona ba se ba tsofetse, re ntse re bontša hore rea ba hlompha ka ho batla ho ithuta bohlaleng boo ba nang le bona. (Lipr 23:22) Re boetse re hlompha batsoali ba rona ba holileng ka hore re ba hlokomele le ho ba thusa ka lichete ha ho hlokahala. (1Ti 5:8) Ebang re bacha kapa re holile, ho buisana le batsoali ba rona ka tlhompho ke ntho ea bohlokoa.

SHEBELLA VIDEO EA LIPOPAE EA NKA BUISANA LE BATSOALI BA KA JOANG? E BE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobane’ng ha u ka thatafalloa ho buisana le batsoali ba hao?

  • U ka hlompha batsoali ba hao joang ha u buisana le bona?

  • Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa boiteko ba ho buisana le batsoali ba hao? (Lipr 15:22)

    Ho buisana le batsoali ba hao ho ka u thusa hore u atlehe bophelong