Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | MATHEU 14–15

Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae

Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae

Pele ho paseka ea selemo sa 32, Jesu o ile a etsa mohlolo oo e leng oona feela o tlalehiloeng ke bangoli ba bane ba Likosepele.

Ka mohlolo ona, Jesu o ile a rala mokhoa o ntseng o sebetsa le mehleng ena.

14:16-21

  • Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba fe letšoele la batho lijo le hoja ba ne ba e-na le mahobe a mahlano feela le litlhapi tse peli

  • Jesu o ile a nka mahobe ao le litlhapi tseo ’me ka mor’a ho rapela, a li fa barutuoa eaba bona ba li abela letšoele leo

  • Ka mohlolo, ho ile ha e-ba le matletsetletse a lijo hoo e mong le e mong a ileng a ja. Jesu o ile a fepa ba bangata a sebelisa ba seng bakae, e leng barutuoa ba hae

  • Jesu o ne a boletse esale pele hore matsatsing a ho qetela o tla khetha mocha o tla fana ka lijo tse matlafatsang tumelo “ka nako e tšoanetseng.”—Mat 24:45

  • Ka 1919, Jesu o ile a khetha “lekhoba le tšepahalang le le masene” e leng sehlopha se senyenyane sa barab’abo rona ba batlotsuoa, hore se “okamele bahlanka ba hae ba ntlo” e leng ba feptjoang

  • A sebelisa sehlopha sena se senyenyane sa barab’abo rona ba batlotsuoa, Jesu o ntse a tsoela pele ho latela mohlala oo a ileng ao beha ha a ne a lefatšeng

Nka bontša joang hore ke ela hloko le ho hlompha mocha oo Jesu ao sebelisang ho matlafatsa tumelo ea batho?