Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong​—⁠Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong​—⁠Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho

BOHLOKOA BA HO LI SEBELISA: Haeba maikutlo a motho a joaloka “metsi a tebileng”, lipotso li joaloka nkho e sebelisoang ho a akha. (Lipr 20:5) Lipotso li thusa batho bao re buisanang le bona hore ba tšoaele moqoqong. Likarobo tsa lipotso tse botsitsoeng hantle ke tsa bohlokoa hobane li re thusa ho hlokomela seo motho a se nahanang. Jesu o ile a sebelisa lipotso hantle haholo. Re ka mo etsisa joang?

RE KA HO ETSA JOANG?

  • Botsa lipotso tse fatang maikutlo. Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae lipotso tse fatang maikutlo e le hore a tsebe seo ba se nahanang. (Mat 16:13-16; be 238 ¶3-5) Ke lipotso life tse fatang maikutlo tseo u ka li botsang?

  • Sebelisa lipotso tse thusang motho ho fumana karabo e nepahetseng. E le hore a thuse Petrose ho lokisa monahano oa hae o fosahetseng, Jesu o ile a mo botsa lipotso tse ileng tsa thusa Petrose ho etsa qeto e nepahetseng. (Mat 17:24-26) U ka sebelisa lipotso life ho thusa motho hore a etse qeto e nepahetseng?

  • Babatsa motho eo u buang le eena. Ha Jesu a hlokomela hore mongoli eo a neng a bua le eena o ‘arabile ka bohlale,’ o ile a mo babatsa. (Mar 12:34) U ka babatsa motho ea arabileng potso hantle joang?

SHEBELLANG KAROLO EA PELE EA VIDEO EA ETSA MOSEBETSI OO JESU A O ENTSENGRUTA, KA MOR’A MOO LE ARABE LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobane’ng ha tsela eo ea ho ruta e fosahetse le hoja boitsebiso bo nepahetse?

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlalosa boitsebiso feela?

SHEBELLANG KAROLO EA BOBELI EA VIDEO E BE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Mor’abo rona o sebelisitse lipotso hantle joang?

  • Ke mekhoa efe e metle ea hae ea ho ruta eo re ka e etsisang?

Ho ruta ha rona ho ka ama batho joang? (Lu 24:32)