Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | MATHEU 18-19

Qoba ho Khoptjoa le ho Khopisa ba Bang

Qoba ho Khoptjoa le ho Khopisa ba Bang

Jesu o ne a sebelisa lipapiso ho bontša hore na ho khoptjoa kapa ho khopisa ba bang ho tebile hakae.

18:6, 7

  • Sesosa sa ho khoptjoa e ka ba ketso kapa boemo bo ka etsang hore motho a khelohe, kapa a etse sebe

  • Bibele e re ho e-na le hore motho e be sesosa sa ho khoptjoa ha batho ba bang, ho molemo hore a liheloe ka leoatleng a faselelitsoe leloala molaleng oa hae

Millstones

18:8, 9

  • Jesu Kreste o ile a eletsa balateli ba hae hore ba tlose ntho e bohlokoa joaloka letsoho kapa leihlo haeba li ka etsa hore ba khoptjoe

  • Ho ka ba molemo ho lahleheloa ke ntho ea bohlokoa joaloka letsoho kapa leihlo e be u kena ’Musong oa Molimo ho e-na le hore u iqenehele e be u ea timetsong ea ka ho sa feleng Gehena

Ke’ng bophelong ba ka e ka bang sesosa sa khopiso ’me nka qoba ho khoptjoa kapa ho khopisa ba bang joang?