Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | MATHEU 12–13

Papiso ea Koro le Mofoka

Papiso ea Koro le Mofoka

Jesu o ile a sebelisa papiso ea koro le mofoka ho bontša hore na ke joang le hore na ke neng a tlang ho khetha koro, e leng sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ho qala ka selemo sa 33.

13:24

‘Sehoai se ile sa jala peo e ntle tšimong ea sona’

  • Sehoai: Jesu Kreste

  • Peo e ntle ea jaloa: Barutuoa ba Jesu Kreste ba tlotsoa ka moea o halalelang

  • Tšimo: Batho

13:25

Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla ’me sa jalella mofoka har’a koro, ’me sa tloha.”

  • Sera: Diabolose

  • Ha batho ba ntse ba robetse: Ho shoa ha baapostola

13:30

“Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa”

  • Koro: Bakreste ba tlotsitsoeng

  • Mofoka: Bakreste ba bohata

Pele bokellang mofoka. . . ; joale le e’o bokellela koro”

  • Makhoba kapa bakotuli: Mangeloi

  • Mofoka oa bokelloa: Bakreste ba bohata ba aroloa ho Bakreste ba tlotsitsoeng

  • Ba bokelloa ka tlung ea polokelo: Bakreste ba tlotsitsoeng ba bokelloa phuthehong e tsosolositsoeng

Ha nako ea kotulo e qala, ke eng e ileng ea khetholla Bakreste ba ’nete ho ba bohata?

Ke rua molemo joang ka ho utloisisa papiso ee?