Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Re Bontša Bokhoni Boboleling ha re Khaotsa ho Ithuta le Batho ba sa Hateleng Pele

Re Bontša Bokhoni Boboleling ha re Khaotsa ho Ithuta le Batho ba sa Hateleng Pele

HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA?: Batho ba lokela ho ipiletsa lebitsong la Jehova e le hore ba tle ba pholohe. (Bar 10:​13, 14) Leha ho le joalo, ha se hore motho e mong le e mong ea ithutang Bibele ke ea batlang ho phela tumellanong le thato ea Jehova. Re tla be re sebelisa nako hantle ha re le tšebeletsong, ha re thusa batho ba hlileng ba batlang ho etsa liphetoho e le hore ba thabise Jehova. Haeba motho eo re ithutang le eena a sa etse liphetoho ka mor’a nako e itseng a ithuta Bibele, ke bohlale hore re khaotse ho ithuta le eena ’me re leke ho thusa bao Jehova a ba hulelang ho eena le ka mokhatlong oa hae. (Joh 6:​44) Ke ’nete hore haeba ka mor’a nako motho eo a bontša hore o ikemiselitse ho etsa liphetoho ’me a bontša hore o na “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,” re tla thabela ho qalella ho ithuta Bibele le eena.​—⁠Lik 13:⁠48.

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Babatsa motho eo u ithutang le eena ka hore o batla ho fumana tsebo e nepahetseng.​—⁠1Ti 2:4

  • Hatisa bohlokoa ba ho phela tumellanong le seo a ithutang sona.​—⁠Lu 6:​46-⁠49

  • Ka tsela e bonolo tšohla le eena papiso ea Jesu ea mojali, ebe oa mo botsa hore na o elelloa ntho e mo sitisang ho etsa liphetoho tse hlokahalang.​—⁠Mat 13:​18-⁠23

  • Ka tsela e mosa, hlalosa hore na ke hobane’g ha u khaotsa thuto

  • Mo bolelle hore u tla ’ne u mo hloele ho tla mo khothatsa le hore thuto e tla tsoela pele haeba a ka etsa liphetoho tse hlokahalang

SHEBELLANG VIDEO, KA MOR’A TENG LE ARABE LIPOTSO TSE LATELANG:

  • U hlokometse eng moqoqong oo mor’abo rona a bileng le oona le seithuti, e bontšang hore ha se hatele pele?

  • Mor’abo rona o ile a etsa’ng ho hlokomelisa seithuti hore se lokela ho etsa liphetoho?

  • Mor’abo rona o ile a etsa’ng ho hlakisetsa seithuti hore thuto e tla tsoela pele ha ho loketse?