Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 15-21 January

JOBO 36-37

La 15-21 January

Pina ea 147 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Mabaka a ka Etsang Hore u Tšepe Tšepiso ea Molimo ea ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng

(10 mets.)

Jehova o teng ka ho sa feleng (Job 36:26; w15 10/1 13 ¶1-2)

Jehova o na le matla le bohlale ba ho re fa lintho tse etsang hore re phele (Job 36:27, 28; w20.05 22 ¶6)

Jehova o re ruta lintho tseo re lokelang ho li etsa e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng (Job 36:​4, 22; Joh 17:3)


Ho ba le tumelo e matla tšepisong ea Molimo ea ho re fa bophelo bo sa feleng, ho re thusa ho sebetsana ka katleho le mathata ao re ka bang le oona bophelong.—Heb 6:19; w22.10 28 ¶16.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Job 37:20—Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ho ne ho tloaelehile hore litaba li fetisetsoe ho batho ba bang joang? (it-1-E 492)

  • U ithutileʼng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Puo. ijwfq 57 ¶5-15—Sehlooho: Ho Ile ha Etsahala’ng ka Lipaki Tsa Jehova Nakong ea Lipolao Tse Sehloho? (th khaolo ea 18)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 49

7. Lula u Itokiselitse Maemo a ka Etsang Hore u Hloke Thuso ea Tsa Bongaka Kapa u Etsoe Opereishene

(15 mets.) Puisano. E fanoe ke moholo.

Mokhatlo oa Jehova o fane ka lintho tse re thusang ho mamela molao oa Molimo o mabapi le mali. (Lik 15:​28, 29) Na u li sebelisa hantle?

Karete ea DPA le Identity Card (ic): Likarete tsena li hlalosa tsela eo motho a batlang ho phekoloa ka eona litabeng tse amanang le ho tšeloa mali. Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba ka fumana karete ea DPA kapa Identity Card bakeng sa bana ba bona ho mor’abo rona ea ikarabellang lefapheng la lingoliloeng. Re lokela ho lula re nkile likarete tsena ka linako tsohle. Haeba u lokela ho tlatsa e ’ngoe ea likarete tsena kapa ho ntlafatsa eo u nang le eona, etsa joalo ka pele kamoo ho ka khonehang.

Tlhahiso-leseling Bakeng sa Baimana (S-401) le Information for Patients Requiring Surgery or Chemotherapy (S-407): Litokomane tsena li re thusa ho itokisa esale pele bakeng sa pheko eo re ka e khethang e tla re thusa ho qoba kotsi ea ho tšeloa mali. Kopa baholo hore ba u fe tokomane e loketseng haeba u le moimana, u tlameha ho etsoa opereishene kapa ho fumana kalafo ea kankere.

Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC): Bara ba bo rona ba komiting ea HLC ke baholo ba rupetsoeng hore ba ka buisana le lingaka le bahoeletsi ka litaba tse amanang le mali. Ba ka buisana le ngaka ea hao ka mekhoa ea phekolo eo e ka e sebelisang ntle le ho u tšela mali. Ha ho hlokahala, ba ka ba ba u fumanela ngaka e tla hlompha maikutlo a hao tabeng e amanang le ho tšeloa mali. Ba fumaneha ka matsatsi ’ohle, bosiu le motšehare. Buisana le bara ba bo rona ba HLC kapele kamoo ho ka khonehang haeba u lokela ho robala sepetlele, u lokela ho etsoa opereishene kapa ho fumana kalafo ea kankere. U lokela ho buisana le bona le haeba u nahana hore u ke ke oa hloka ho tšeloa mali. Baimana le bona ba lebeletsoe ho etsa se tšoanang. Haeba u hloka thuso ea bara ba bo rona ba HLC, kopa baholo hore ba u fe linomoro tsa bona.

Shebellang VIDEO ea Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele e ka re Thusa Joang? ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

• Bara ba bo rona ba HLC ba ka u thusa joang ha u ka kula kapa u ka lokela ho etsoa oporeishene?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 4 ¶10-17

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 67 le Thapelo