Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 19-25 February

PESALEME EA 8-10

La 19-25 February

Pina ea 2 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Ke Tla u Rorisa . . . Jehova”!

(10 mets.)

Jehova o molemo haholo ho rona (Ps 8:​3-6; w21.08 3 ¶6)

Re rorisa Jehova ha re bolella ba bang ka mesebetsi ea hae e hlollang (Ps 9:1; w20.05 23 ¶10)

Re boetse re mo rorisa ha re mo binela ka lipelo tsohle (Ps 9:2; w22.04 7 ¶13)

IPOTSE, ‘Nka rorisa Jehova ka litsela life tse ling?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 8:​3, nal.—Mopesaleme o ne a bolela’ng ha a bua ka menoana ea Molimo? (it-1-E 832)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša hore na u ka etsa’ng ha mong’a ntlo a re ha a lumele ho Molimo. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 4)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng motho eo u neng u bua le eena o ile a re ha a lumele ho Molimo empa o ile a re ha a na bothata ba hore le tl’o qoqa hape ka taba ena. (th khaolo ea 7)

6. Puo

(5 mets.) w21.06 6-7 ¶15-18—Sehlooho: Thusa Batho Bao u Ithutang Bibele le Bona Hore ba Rorise Jehova. (th khaolo ea 10)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 10

7. Ho Qoqa le Batho ka Bibele le ha u se Tšimong

(10 mets.) Puisano.

Tsela e ’ngoe eo re ka rorisang Jehova ka eona ke ka ho bua ka Bibele le batho bao re kopanang le bona ha re ntse re etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. (Ps 35:28) Qalong re ka ’na ra ikutloa re tšohile ha re tlameha ho qoqa le batho ka Bibele re se tšimong. Leha ho le joalo, ha re ithuta ho qoqa le batho ka tsela ena, re ka qetella re se re tloaetse.

Shebellang VIDEO ea Ikemisetse “ho Bolela Litaba Tse Monate Tsa Khotso”—Nka Khato. Ka mor’a moo, botsa bamameli potso e latelang:

U ithutile’ng videong ee, e ka u thusang ho qoqa le batho ka Bibele ha u se tšimong?

Litlhahiso tse latelang li ka u thusa:

  •   Batla menyetla ea ho qoqa le batho ka Bibele nako le nako ha u tsoa ka tlung. Kopa Jehova hore a u thuse hore u kopane le batho ba batlang ho mamela molaetsa oa Bibele

  •   Bososela ha u bua le batho. Mamela ka hloko ha motho a ntse a bua e le hore u ka tseba hore na ke lengolo lefe la Bibele leo u ka buang le eena ka lona

  •   Mo kope linomoro tsa hae tsa founo kapa u mo fe tsa hao haeba u khona

  •   U se ke oa nyahama haeba moqoqo o fela u e-s’o ka u bua le eena ka Bibele

  •   U ’ne u nahane ka motho eo u qoqileng le eena. Bontša hore oa mo tsotella ka hore u ’ne u mo romelle litemana tsa Bibele kapa linki ea sehlooho se hlahang ho jw.org/st

Leka mokhoa ona: Haeba motho a u botsa hore na mafelo-beke a hao a bile joang, u ka mo qoqela seo u ithutileng sona libokeng kapa oa mo qoqela ka hore na ho bile joang mosebetsi oa hao oa ho ruta batho Bibele.

8. Litlhoko Tsa Phutheho

(5 mets.)

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 65 le Thapelo