Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 20-26 January

PESALEME EA 138-139

La 20-26 January

Pina ea 93 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. U se ke oa Lumella Letsoalo ho u Sitisa ho Arabela ha u le Libokeng

(10 mets.)

Re batla ho rorisa Jehova ka lipelo tsa rona tsohle (Ps 138:1)

Kopa Jehova hore ao thuse haeba u utloa u tšohile ha u batla ho araba libokeng (Ps 138:3)

Ho tšoha ha ho bontše hore u lekoala (Ps 138:6; w19.01 10 ¶10)

SEO U KA SE ETSANG: Fana ka karabo e khutšoanyane e le hore u se ke oa tšoha haholo.—w23.04 21 ¶7.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 139:​21, 22—Na ho lebeletsoe hore Bakreste ba tšoarele motho e mong le e mong? (it-1-E 862 ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

5. Ha u Etsa Barutuoa

(4 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Kopa ho ithuta Bibele le motho u be u mo bontše hore na thuto ea Bibele e etsoa joang. (lmd thuto ea 10 ntlha ea 3)

6. Puo

(5 mets.) ijwyp 105—Sehlooho: Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong? (th khaolo ea 16)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 59

7. U ka Thabela Tšebeletso ea Hao le Hoja u le Lihlong

(15 mets.) Puisano.

Na u motho ea lihlong? Na u rata ha batho ba nka eka ha u eo? Na u utloa u sehoa ke letsoalo ha u nahana ho bua le batho ba bang? Ka linako tse ling ho ba lihlong ho ka re sitisa ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsa. Leha ho le joalo, batho ba bang ba neng ba le lihlong ba ile ba khona ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele ’me ba atleha tšebeletsong. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona?

Shebellang VIDEO ea Ke File Jehova Sohle le Hoja ke le Lihlong ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Morali oa bo rona Lee o ile a rua molemo ofe ka lebaka la ho sebelisa keletso ea nkhono oa hae ea hore “a tele lintho tsohle bakeng sa ho sebeletsa Jehova”?

Bibele e bontša hore ho ka etsahala hore ebe Moshe, Jeremia le Timothea ba ne ba le lihlong. (Ex 3:11; 4:10; Jer 1:​6-8; 1Ti 4:12) Leha ho le joalo, ba ile ba atleha haholo tšebeletsong ea Jehova hobane o ne a e-na le bona. (Ex 4:12; Jer 20:11; 2Ti 1:​6-8)

Bala Esaia 43:​1, 2 ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Jehova o tšepisa batho ba hae eng?

• Jehova a ka thusa batho ba lihlong joang hore ba atlehe tšebeletsong?

Shebellang VIDEO ea Ke Joang Kolobetso e ka Etsang Hore u Thabe le ho Feta?—Karoloana ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Morali oa bo rona Jackson o bone matla le tšehetso ea Jehova joang tšebeletsong ea hae?

  • Tšebeletso ea tšimo e ka thusa motho ea lihlong joang?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 151 le Thapelo