Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 27 January–la 2 February

PESALEME EA 140-143

La 27 January–la 2 February

Pina ea 44 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Etsa Lintho Tumellanong le Lithapelo Tsa Hao

(10 mets.)

Ikemisetse ho amohela keletso kapa khalemelo (Ps 141:5; w22.02 12 ¶13-14)

Nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li entseng ho re thusa le ho thusa batho ba hae nakong e fetileng (Ps 143:5; w10 3/15 32 ¶4)

Leka ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona (Ps 143:10; w15 3/15 32 ¶2)

Pesaleme ea 140-143 ha e bue feela ka lintho tseo Davida a ileng a li kopa empa e boetse e bua ka lintho tseo a ileng a li etsa tse neng li le tumellanong le lithapelo tsa hae.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 140:3—Ke hobane’ng ha Davida a ile a tšoantša maleme a banna ba khopo le leleme la noha? (it-2-E-1151)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qala moqoqo oa Bibele le motho eo u sa tsoa mo thusa ka ntho e itseng. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Motho eo u lekang ho bua le eena o re o phathahane. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 3)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Pontšo. ijwfq 21—Sehlooho: Ke Hobane’ng ha [Lipaki Tsa Jehova li] sa Tšele Mali? (th khaolo ea 7)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 141

7. Lula u Itokiselitse Maemo a Bophelo a Tšohanyetso a ka Hlokang Lingaka

(15 mets.) Puisano.

Jehova o re tšepisa hore o tla “re thusa kapele ha re le matšoenyehong.” (Ps 46:1) Ha re le maemong a hlokang thuso ea lingaka seo se ka re tšoenya haholo. Leha ho le joalo, Jehova o re file lintho tsohle tseo re li hlokang ho sebetsana le maemo a joalo. Ka mohlala, mokhatlo oa hae o fane ka litokomane tse kang karete ea mali (DPA), Identity Card, a litokomane tse ling tse nang le boitsebiso ba bongaka b le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC). Lintho tsena kaofela li re thusa hore re mamele molao oa Molimo mabapi le mali.—Lik 15:​28, 29.

Shebellang VIDEO ea Na u Itokiselitse Maemo a Bophelo a Tšohanyetso a ka Hlokang Lingaka? ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ho tlatsa foromo ea DPA ho tsoetse ba bang molemo joang?

  • Karete ea Tlhahiso-leseling Bakeng sa Baimana (S-401) e ile ea thusa batho ba bang joang?

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho buisana la bara ba bo rona ba HLC hang-hang ha u tseba hore u il’o robala sepetlele, u il’o etsa opereishene kapa u il’o fumana kalafo ea kankere le haeba ho bonahala eka ha u hloke hore u tšeloe mali?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 21 ¶1-6, video ea selelekela le lebokose la 21A

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 103 le Thapelo

a Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba ka fumana karete ea DPA le Identity Card bakeng sa bana ba bona ba tlase lilemong ba e-s’o kolobetsoe ho mohlanka oa libuka.

b U ka fumana likarete tsa Tlhahiso-leseling Bakeng sa Baimana (S-401), Boitsebiso Bakeng sa Bakuli ba Tlamehang ho Etsoa Opereishene Kapa Chemotherapy (S-407) le ea Boitsebiso Bakeng sa Batsoali Bao Bana ba Bona ba Hlokang Phekolo (S-55) ho baholo ha u li hloka.