Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

U ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng

U ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng

Jehova o batla hore malapa a thabe. (Ps 127:3-5; Moe 9:9; 11:9) Leha ho le joalo, thabo eo re bang le eona e ka fela ka lebaka la mathata a lefatše lena le liphoso tsa ba malapa a rona. Ke eng eo litho tsa malapa li lokelang ho e etsa e le hore lelapa e be le thabileng?

Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae hantle. (1Pe 3:7) A qete nako le eena. Ha a lokela ho lebella hore mosali oa hae a etse lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa. Empa o lokela ho bontša hore o ananela lintho tseo mosali oa hae a li etsetsang eena le lelapa la bona. (Kol 3:15) A bontše mosali oa hae hore oa mo rata hape a mo babatse.—Pr 31:28, 31.

Mosali o lokela ho tšehetsa monna oa hae. (Pr 31:12) A ikokobeletse eena ’me a sebelisane hantle le eena. (Kol 3:18) A bue hantle le eena le ha a bua ka eena ho batho ba bang.—Pr 31:26.

Batsoali ba lokela ho qeta nako le bana ba bona. (De 6:6, 7) Ba lokela ho bolella bana ba bona hore baa ba rata. (Mat 3:17) Ba khalemele bana ba bona ka lerato le ho ba nahanela.—Ef 6:4.

Bana ba lokela ho hlompha batsoali le ho ba mamela. (Pr 23:22) Ba bolelle batsoali ba bona maikutlo a bona le lintho tseo ba li nahanang. Ka tlhompho ba amohele khalemelo ea batsoali ba bona.—Pr 19:20.

SHEBELLANG VIDEO EA SEBELETSA HORE HO BE LE THABO KA LAPENG EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

• Ke’ng eo motho ka mong a ileng a e etsa hore ho be le thabo ka lapeng?