Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Letšolo le Khethehileng la ho Phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka September

Letšolo le Khethehileng la ho Phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka September

Ka September re tla sebetsa ka thata ho tsebisa batho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tharollo ea mathata a batho. (Mat 24:14) U ka kenya letsoho joang? Khoeling eo, balla batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang lengolo le buang ka ’Muso oa Molimo. Haeba motho a thabela molaetsa, mo fe Molula-Qhooa oa No. 2 2020. Khutlela ho motho eo kapele kamoo u ka khonang ebe u qalisa thuto ea Bibele u sebelisa bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Bo-pulamaliboho ba thusang khoeling ea September ba ka khetha hore na ba tla sebetsa lihora tse 15 kapa tse 30.

Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla silakanya mebuso e sa etseng thato ea Molimo. (Dan 2:44; 1Ko 15:24, 25) E se eka re ka sebelisa monyetla ona ho bontša hore re tšehetsa ’Muso oa Jehova.