Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

E-ba Lerato Joaloka Jehova

E-ba Lerato Joaloka Jehova

Jehova o lerato ka tsela e ikhethang. (Ps 103:11) Lerato la hae ke la ’nete. Lerato la ’nete ke lerato le tebileng le le ke keng la fela. Jehova o ile a bontša lerato lena ho Baiseraele ka litsela tse ngata. O ile a ba ntša bokhobeng Egepeta ’me a ba kenya naheng e tšepisitsoeng. (Ps 105:42-44) O ile a loanela batho ba hae a ba a ba tšoarela ka makhetlo a mangata ha ba mo fosetsa. (Ps 107:19, 20) Ha re ntse re “nahanisisa ka liketso tsa Jehova tse bontšang hore o rata batho,” re susumeletseha ho mo etsisa.—Ps 107:43.

[Picture on page 15]SHEBELLANG VIDEO EA ITHUTE KAMOO JEHOVA A RE RATANG KATENG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Re ka bontša lerato la ’nete ka litsela life?

  • Ke hobane’ng ha lerato la ’nete le hloka boitelo?