Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ba Sebetsa ka Thata ho re Thusa

Ba Sebetsa ka Thata ho re Thusa

Balebeli ba potoloho le basali ba bona ba itella batho ba potolohong ea bona. Ka linako tse ling, joaloka rona baa nyahama, baa khathala hape baa tšoenyeha. (Jak 5:17) Leha ho le joalo, beke e ’ngoe le e ’ngoe ba ameha ka bara le barali ba bo rona ba phuthehong eo ba e etetseng le ho ba khothatsa. Kannete “ba lokela ho fuoa tlhompho e tebileng.”—1Ti 5:17.

Ha moapostola Pauluse a itokisetsa ho etela phutheho e Roma e le hore a e “fe mpho e tsoang ho Molimo,” o ne a labalabela ho khothatsana le bona. (Bar 1:11, 12) Na u kile oa nahana hore na u ka khothatsa balebeli ba potoloho joang?

SHEBELLANG VIDEO EA BOPHELO BA MOPOTOLOHI EA POTOLOHANG MAHAENG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Bapotolohi le basali ba bona ba bontša joang hore ba itella phutheho?

  • Ba u thusitse joang?

  • Re ka ba khothatsa joang?