Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 5-11 August

PESALEME EA 70-72

La 5-11 August

Pina ea 59 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Bolella “Moloko o Tlang” ka Matla a Molimo

(10 mets.)

Jehova o ile a sireletsa Davida bocheng ba hae (Ps 71:5; w99 9/1 18 ¶17)

Davida o ile a bona tšehetso ea Jehova botsofaling ba hae (Ps 71:9; g04 10/8 17 ¶3)

Davida o ile a khothatsa bacha ka ho ba qoqela lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba hae (Ps 71:​17, 18; w14 1/15 23 ¶4-5)

IPOTSE, ‘Ke Mokreste-’moho ofe ea bileng ka phuthehong nako e telele eo nka ratang ho mo memela Borapeling ba Lelapa hore a tl’o re qoqela lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba hae ha a ntse a sebeletsa Jehova?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 72:8—Ke joang tšepiso eo Jehova a ileng a e etsetsa Abrahama e hlahang ho Genese 15:18 e ileng ea phethahala nakong ea puso ea Morena Solomone? (it-1-E 768)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Ka boikokobetso khaotsa moqoqo haeba mong’a ntlo a ngangisana le uena. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ntšetsa moqoqo pele le setho sa lelapa se leqe ha u qalisa thuto ea Bibele. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 4)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Puo. ijwfq 49—Sehlooho: Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Ile Tsa Fetola Tse Ling Tsa Litumelo Tsa Tsona? (th khaolo ea 17)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 76

7. Litlhahiso Tseo le ka li Sebelisang Borapeling ba Lelapa

(15 mets.) Puisano.

Borapeli ba Lelapa ke nako ea bohlokoa eo batsoali ba thusang bana ba bona ho ithuta, “ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang.” (Ef 6:4) Ho ithuta ke mosebetsi empa e ka boela ea e-ba ntho e thabisang, haholo-holo nakong eo bana ba bang le takatso ea ho ithuta ’nete e tsoang ka Bibeleng. (Joh 6:27; 1Pe 2:2) Sheba lebokose la “ Seo le ka se Etsang Borapeling ba Lelapa,” le ka thusang batsoali ho etsa hore Borapeli ba Lelapa e be bo rutang le bo thabisang. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang:

  • U ka lakatsa ho sebelisa litlhahiso life?

  • Na ho na le litlhahiso tse ling tseo le li sebelisang tse le tsoelang molemo?

Shebellang VIDEO ea Lulang le Ntlafatsa Borapeli ba Lelapa ebe u botsa bamameli potso ena:

  • Hlooho ea lelapa e ka etsa’ng hore borapeli ba lelapa bo natefele mosali oa hae leha bana ba le sieo?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 13 ¶1-6 le video ea selelekela

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 123 le Thapelo