Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

E-ba Bohlale ha U Khetha Boithabiso

E-ba Bohlale ha U Khetha Boithabiso

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba bohlale ha re khetha boithabiso? Hobane filimi, pina, websaete, buka kapa papali ea video eo u e khethang e lula ka kelellong ea hao. Liqeto tseo u li etsang li susumetsa boitšoaro ba hao. Bohloko ke hore boithabiso bo teng hona joale, bo akarelletsa lintho tseo Jehova a li hloileng. (Pes 11:5; Gal 5:​19-21) Ka lebaka leo, Bibele e re khothalletsa ho nahana ka lintho tse hlomphang Jehova.​—Fil 4:8.

SHEBELLANG VIDEO EA KE LOKELA HO KHETHA BOITHABISO BA MOFUTA OFE? KA MOR’A MOO, ARABANG LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Lipapali tsa bahlabani ba Baroma ba boholo-holo li tšoana joang le lipapali ling tse teng mehleng ee?

  • Litho tsa phutheho li ka thusa bacha ho khetha boithabiso ka bohlale joang?

  • Baroma 12:9 e ka re thusa joang ha re khetha boithabiso?

  • Sebakeng seo u lulang ho sona, ke boithabiso bofe bo hloekileng?