Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAGALATA 4-6

“Ketsahalo e Tšoantšetsang” e Bolela’ng ho Rona?

“Ketsahalo e Tšoantšetsang” e Bolela’ng ho Rona?

4:​24-31

Moapostola Pauluse o ile a sebelisa “ketsahalo e tšoantšetsang” ho bontša hore selekane se secha ke sa bohlokoa ho feta selekane sa Molao. Ka tlas’a tataiso e lerato ea Jesu le majalefa ’moho le eena, batho bohle ba tla thabela ho lokoloha sebeng, ho se phethahaleng, bohlokong le lefung.​—Esa 25:​8, 9

 

HAGARE NGOANANA OA LEKHOBA

Jerusalema ke motse moholo oa Iseraele ea nama e tlas’a selekane sa Molao

SARA MOSALI EA LOKOLOHILENG

Jerusalema oa holimo, e leng karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo

“BANA” BA HAGARE

Bajuda ba neng (ba tlameletsoe ho Jehova ka selekane sa Molao) ba ile ba hlorisa le ho hanyetsa Jesu

“BANA” BA SARA

Jesu le Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsoeng ka moea

MAKHOBA A SELEKANE SA MOLAO

Molao o ne o hopotsa Baiseraele hore ke makhoba a sebe

SELEKANE SE SECHA SE FANA KA TOKOLOHO

Kaha Baiseraele ba ne ba sa khone ho mamela molao hantle, seo se ile sa ba hopotsa hore ke baetsalibe empa sehlabelo sa Kreste se ile sa etsa hore ba lokolohe sebeng