Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 1-5

Jobo o Ile a Lula a Tšepahala ha a Lekoa

Jobo o Ile a Lula a Tšepahala ha a Lekoa

Jobo o ne a lula Uze nakong eo ka eona Baiseraele e neng e le makhoba Egepeta. Le hoja Jobo e ne e se Moiseraele, e ne e le morapeli oa Jehova ea tšepahalang. O ne a e-na le lelapa le leholo, e le morui a bile a hlaheletse sechabeng. E ne e le moeletsi ea hlomphehang le moahloli ea se nang leeme. O ne a thusa mafutsana. A tšepahala.

Jobo o ile a bontša ka ho hlaka hore Jehova ke Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae

1:8-11, 22; 2:2-5

  • Satane o ile a bona hore Jobo oa tšepahala. Ha aa ka a hana hore Jobo o mamela Jehova; ho e-na le hoo o ile a belaella sepheo sa hae

  • Satane o ile a re Jobo o sebeletsa Jehova ka mabaka a boithati

  • Jehova o ile a lumella Satane hore a hlasele monna eo ea tšepahalang e le hore a arabe qoso ea Satane. Satane o ile a bakela Jobo mahlomola a mangata

  • Kaha Jobo o ile a lula a tšepahala ho Jehova, Satane o ile a belaella botšepehi ba batho bohle

  • Jobo ha aa ka a etsa sebe ebile ha aa ka a qosa Molimo ka ho etsa ntho leha e le efe e mpe