Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Amohela Baeti ka Mofuthu

Amohela Baeti ka Mofuthu

Ka la 23 March, re lebeletse baeti ba limilione tse 12 kapa ho feta hore ba be teng Sehopotsong. Ba tla ithuta lintlha tse ngata ha sebui se ntse se bua ka thekollo le mahlohonolo ao batho ba tla a fumana! (Esa 11:6-9; 35:5, 6; 65:21-23; Joh 3:16) Leha ho le joalo, ba ke ke ba rua molemo puong feela, empa ba ka ithuta ho hong ho rōna kaofela ha re ba amohela ka mofuthu. (Bar 15:7) Re ka etsa see joang?

  • Ho e-na le hore ha u kena u be u se u lula fatše u emetse hore lenaneo le qale, amohela baeti le ba seng ba sa kopanele tšebeletsong ka hore u ba lumelise ka mofuthu u bile u bososela

  • Le hoja ka ho khetheha u ka lumelisa batho bao u ba tloaetseng le bao u ba memmeng, ela hloko le bao ho ka etsahalang hore ba menngoe nakong ea phutuho. Kōpa ba qalang ho tla hore ba lule pel’a hao ’me u bale Bibele le bona u be u bine le bona

  • Ha seboka se tsoa, iphe nako ea ho araba lipotso tsa bona. Haeba phutheho ea heno e lokela ho suthela e ’ngoe, lokisetsa ho ba etela ka mor’a matsatsi a seng makae. Haeba le qala ho kopana, u ka ’na ua re: “U ikutloa joang ka lenaneo la mantsiboeeng aa? Nka etsa joang hore re boele re kopane?”