Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rōna Boboleling—Ho Ingolla Seo U Tla se Bua ha U Tsamaisa Limakasine

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rōna Boboleling—Ho Ingolla Seo U Tla se Bua ha U Tsamaisa Limakasine

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?: Le hoja mehlala ea seo u ka se buang le batho e hlahang kemisong ea liboka e e-na le lintlha tsa bohlokoa, li etselitsoe feela hore li u tataise. U lokela ho beha taba ka mantsoe a hao. U ka ’na ua ikhethela ho e beha ka tsela e ’ngoe kapa ua khetha sehlooho se seng seo batho ba tšimong ea heno ba ka se thabelang. Haeba ho joalo, ha u se u balile makasine, u nahanne ka mehlala ea seo u ka se buang, u shebeletse lipontšo tse hlahang livideong, u ka sebelisa litlhahiso tse latelang ha u lokisetsa seo u tla se bua le batho.

KAMOO U KA LOKISETSANG KATENG:

Ipotse, ‘Na nka rata ho sebelisa o mong oa mehlala ea seo nka se buang le batho?’

E

  • Lokisetsa kenyelletso. Ka mor’a ho lumelisa, bolela ka ho toba hore na ke hobane’ng ha u etile. (Mohlala: “Ke u etetse hobane . . . ”)

  • Nahana kamoo u ka kenyelletsang lengolo kateng ha u qeta ho botsa potso le kamoo u ka buellang sengoliloeng. (Mohlala: Ha u kenyelletsa lengolo u ka re, “Lengolo lena le araba potso ena ka tsela e khotsofatsang.”)

CHE

  • Khetha sehlooho seo u se ratang makasineng, seo batho ba tšimong ea heno ba tla se thahasella

  • Nahana ka potso e tla tsosa moqoqo ’me e etse hore motho eo u buang le eena a nahane empa e sa mo behe bothateng. (Mohlala: Lipotso tse hlahang leqepheng la 2 la limakasine.)

  • Khetha temana eo u tla e bala. (Haeba u buella Tsoha! u ka ’na ua se ke ua bala temana kaha makasine ena e ngoletsoe batho ba sa tsebeng Bibele hakaalo, bao e ka ’nang eaba ba na le lipelaelo tse itseng ka bolumeli.)

  • Ngola polelo kapa tse peli tse bontšang kamoo motho eo u buisanang le eena a tla rua molemo kateng ha a bala sehlooho seo

BOEMONG BO BONG LE BO BONG

  • Lokisetsa potso eo u tla e araba leetong la ho boela

  • Ngola seo u tla se bua nakong e tlang e le hore u se ke ua lebala