Lipaki Tsa Jehova li memela motho Sehopotsong Albania

BUKANA EA SEBOKA SA--BOPHELO BA BOKRESTE LE TŠEBELETSO EA RŌNA March 2017

Mehlala ea Seo U ka se Buang

Mehlala ea seo u ka se buang ha u tsamaisa Molula-Qhooa le molaetsa oa Bibele o buang ka ’Muso oa Molimo. Inahanele seo u tla se bua le batho tšimong.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

“Ke na le Uena, ho U Pholosa”

Jeremia o ile a ikutloa a sa tšoanelehe ha Jehova a mo fa boikarabelo ba ho ba moprofeta. Jehova o ile a mo tiisetse joang hore o tla lula a mo tšehetsa?

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Ba Ile ba Khaotsa ho Etsa Thato ea Molimo

Baiseraele ba ile ba nahana hore ho etsa mahlabelo ka tloaelo feela tjee ho ne ho ka koahela liphoso tsa bona. Jeremia o ile a ba sebete ’me a pepesa libe tsa bona le boikaketsi ba bona.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?

Sebelisa bukana ena ho thusa baithuti ba Bibele hore ba tsebe Lipaki Tsa Jehova le mosebetsi oo li o etsang le mokhatlo oa tsona.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Batho ba ka Atleha ha Feela ba Tataisoa ke Jehova

Iseraeleng ea khale-khale, ba neng ba mamela tataiso ea Jehova Molimo ba ne ba tla ba le khotso, thabo le katleho.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng

Sebelisa litšoantšo ho hlalosa lithuto tsa Bibele.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova

Jehova Molimo o ne rerile’ng ha a laela Jeremia hore a tsamaee lik’hilomithara tse 500 ho ea nokeng ea Eufrate ’me a il’o pata lebanta moo?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova

Ha le tšoara borapeli ba lelapa kamehla lelapa la hao le tla lula le hopola Jehova. Le ka sebetsana joang le liteko tse mabapi le borapeli ba lelapa?