Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?

Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?

Bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? e etselitsoe hore e tšohloe le seithuti qalong kapa qetellong ea thuto. * Thuto ea 1 ho ea ho ea 4 e ruta seithuti hore na ha e le hantle Lipaki Tsa Jehova ke bo-mang. Thuto ea 5 ho ea ho ea 14 e ruta seithuti ka liboka le ka mosebetsi oa rona oa ho ruta batho Bibele. Thuto ea 15 ho ea ho ea 28 e ruta seithuti kamoo mokhatlo oa rona o hlophisitsoeng kateng. Hangata ho molemo ho bala likhaolo tsena ka tatellano ntle le haeba seithuti se batla ho qala ka khaolo e itseng ka ho khetheha. Sehlooho se seng le se seng se bolelele ba leqephe ’me se ka tšohloa le seithuti ka metsotso e mehlano ho isa ho e leshome.

  • Thusa seithuti hore se fumane karabo ea potso ea sehlooho

  • Le ka bala khaolo kaofela ebe lea e hlahloba kapa le ka bala serapa se le seng ka nako

  • Buisanang ka seo le qetang ho se bala. Sebelisa lipotso tse qetellong ea khaolo le litšoantšo. Khetha mangolo ao le ka buisanang ka ’ona. Bontša seithuti hore lihloohoana li araba potso ea sehlooho

  • Haeba ho e-na le lebokose la “Ithute ka ho Eketsehileng” le baleng hammoho ’me u khothalletse seithuti hore se sebelise litlhahiso tseo

^ ser. 3 U ka fumana bukana ena e ntlafalitsoeng Inthaneteng.