Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng

Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng

Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng e etselitsoe ho ruta lithuto tsa motheo ho batho ba sa khoneng ho bala. Ho na le lebokose maqepheng a mang le fanang ka lintlha tse ling tseo le ka buisanang ka tsona le seithuti ho latela hore na se khona ho tšoarella lintlha tse ngata hakae.

U ka ’na oa tsamaisa bukana ena, le haeba ho sa tsamaisoe eona khoeling eo. Ha u ithuta Bibele le motho, sebelisa litšoantšo ho hlalosa lithuto tsa Bibele. Sebelisa lipotso ho thusa seithuti hore se utloisise seo le se balang. Balang mangolo a botlaaseng ba leqephe le be le buisane ka ’ona. Ha le se le qetile ho bala bukana ena, le bale buka ea Ha e le Hantle Ke’ng Seo Bibele e se Rutang? e le ho thusa seithuti hore se kolobetsoe.