Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 12-16

Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova

Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova

Jeremia o ne a fuoe kabelo e boima ea hore a bontše batho ba Juda le Jerusalema hore Jehova o ikemiselitse ho ba felisa ka lebaka la manganga a bona.

Jeremia o ile a iphumanela lebanta la line

13:1, 2

  • Lebanta le tlanngoeng thekeng le ne le tšoantšetsa kamano e haufi e neng e ka ba teng pakeng tsa Jehova le sechaba

Jeremia o ile a isa lebanta nokeng ea Eufrate

13:3-5

  • O ile a le pata lepetsong la lefika eaba hamorao o khutlela Jerusalema

Jeremia o ile a khutlela nokeng ea Eufrate ho ea lata lebanta

13:6, 7

  • O ile a le fumana le bolile

Ka mor’a boiteko bona bohle boo Jeremia a bo entseng, Jehova o ile a mo hlalosetsa lebaka leo a ileng a mo fa kabelo eo ka lona

13:8-11

  • Le hoja kabelo eo Jeremia a neng a e fuoe e ne e bonahala eka ha e utloahale, e ile ea phetha morero oa Jehova oa ho batla ho finyella lipelo tsa Baiseraele