Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova

Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova

Jeremia o ile a fuoa taelo ea hore a lemose Bajuda ka kahlolo e neng e tl’o ba oela hobane ba ne ba lebetse Molimo oa bona, e leng Jehova. (Jer 13:25) Ho tlile joang hore sechaba see se be boemong boo? Malapa a Baiseraele a ile a lahla kamano eo a neng a e-na le eona le Jehova. Ho totobetse hore lihlooho tsa malapa li ne li sa latele tataiso ea Jehova e ho Deuteronoma 6:5-7.

Ha malapa a le matla tumelong, a bopa liphutheho tse matla. Lihlooho tsa malapa li ka thusa malapa a tsona hore a hopole Jehova ka ho ba le Borapeli ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla. (Pes 22:27) Ka mor’a hore le shebelle video ea Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”—Lipuisano Tsa Lelapa, arabang lipotso tsena:

  • Malapa a mang a ile a sebetsana joang le liteko tseo hangata li bang teng mabapi le borapeli ba lelapa?

  • Ho ba le Borapeli ba Lelapa kamehla ho na le melemo efe?

  • Ha ho tluoa tabeng ea borapeli ba lelapa, ke litšitiso life tseo ke bang le tsona, ’me nka sebetsana le tsona joang?