Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mehlala ea Seo U ka se Buang

Mehlala ea Seo U ka se Buang

MOLULA-QHOOA

Potso: Ho ea ka uena, u ka re ke mpho efe e kholo ka ho fetisisa eo Molimo a re fileng eona?

Lengolo: Joh 3:16

Buella Sengoloa: Makasine ena ea Molula-Qhooa e hlalosa lebaka leo ka lona Molimo a ileng a romela Jesu hore a re shoele le hore re ka bontša joang hore re ananela mpho eo.

’MUSO OA MOLIMO KE’NG?

Potso: [Bontša motho sehlooho se ka ntle.] U ka araba potso ee joang? Na ’Muso oa Molimo ke boikutlo bo ka pelong? mokhabo puo? kapa ’muso o leholimong?

Lengolo: Dan 2:44; Esa 9:6.

Buella Sengoloa: Pampitšana ena e hlalosa seo ’Muso oa Molimo o se bolelang ho uena.

MEMO EA SEHOPOTSO

Buella Sengoloa: Re ntse re memela batho ketsahalong ea bohlokoa ka ho fetisisa. [Fana ka memo.] Ka la 11 April, batho ba limilione lefatšeng lohle ba tla be ba kopane ho tla ikhopotsa lefu la Jesu le ho mamela puo ea Bibele e hlalosang kamoo lefu la hae le ka re tsoelang molemo kateng. Memo ena e bontša nako le sebaka seo ketsahalo ena e tlang ho tšoareloa ho sona. Re tšepa hore u tla ba le rona moo.

NGOLA SEO U TLA SE BUA

Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.