Ba memela batho Sehopotsong

BUKANA EA SEBOKA SA--BOPHELO BA BOKRESTE LE TŠEBELETSO EA RŌNA March 2018

Mehlala ea Seo u ka se Buang

Kamoo u ka buellang memo ea Sehopotso u sebelisa lipotso tse latelang: Na ho ne ho hlokahala hore Jesu a re shoele? Lefu la hae le re tsoela molemo joang?

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

“Mang Kapa Mang ea Batlang ho ba Moholo Har’a Lōna e Lokela ho ba Mosebeletsi oa Lōna”

Na re rata ho etsa likabelo tse hlaheletseng e le hore re bonoe ke batho le ho rorisoa? Hangata mohlanka oa Jehova ea ikokobelitseng o etsa mesebetsi e hlokomeloang ke Jehova eseng batho.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Mamela Litaelo Tse Peli Tse Kholo

Jesu o itse ke litaelo life tse peli tse kholo tse boletsoeng ka Bibeleng? Re ka bontša joang hore re mamela litaelo tsee?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Rata Molimo le Moahelani​—⁠Kamoo re ka ho Etsang ka Teng

Re lokela ho rata Molimo le moahelani. Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea kamoo re hlaolelang lerato lena ka eona ke ka hore re bale Bibele kamehla.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Lula U e-⁠na le Kamano e Matla le Molimo Nakong Ena ea Bofelo

Batho ba bangata mehleng ena ba itumella ho phathahana ka lintho tse tloaelehileng hoo ba se nang nako ea ho sebeletsa Molimo. Bakreste ba ’nete ba fapane joang le bona?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Re Phela Qetellong ea Matsatsi a Bofelo

Mantsoe a Jesu a bontša joang hore re phela qetellong ea matsatsi a bofelo? Potso ena le tse ling lia arajoa videong ea ‘Re Phela Qetellong ea Matsatsi a Bofelo’.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

“Le Lule le Lebetse”

Papisong ea baroetsana ba leshome, ke mang ea emeloang ke monyali, baroetsana ba masene, le baroetsana ba maoatla? Se boleloang ke papiso ee se u ama joang?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—⁠Ho Ruta Liithuti Tsa Rona ho Lokisetsa

Li sa tloha feela, re lokela ho thusa liithuti tsa rona hore li be le mekhoa e metle ea ho ithuta le ho lokisetsa bakeng sa thuto. Re ka ho etsa joang?