Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—⁠Ho Ruta Liithuti Tsa Rona ho Lokisetsa

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—⁠Ho Ruta Liithuti Tsa Rona ho Lokisetsa

HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA? Ha liithuti tsa Bibele li lokisetsa, li ka utloisisa habonolo hape tsa nolofalloa ke ho hopola seo li ithutileng sona. Ha li utloisisa ebile li hopola lintho tseo li ithutileng tsona, tumelo ea tsona e tla hola ka potlako. Le ka mor’a hore li kolobetsoe, li tla lokela ho tsoela pele ho lokisetsa liboka le tšebeletso ea tšimo e le hore li ‘lule li lebetse.’ (Mat 25:13) Kahoo, li tla rua molemo haholo bophelo bohle haeba li tseba mokhoa o nepahetseng oa ho ithuta. Li sa tloha feela, re lokela ho thusa liithuti tsa rona hore li be le mekhoa e metle ea ho ithuta esita le ho lokisetsa bakeng sa thuto ea Bibele.

RE KA HO ETSA JOANG?

  • E-ba mohlala oo a ka o etsisang. (Bar 2:21) Ha u lokisetsa thuto ka ’ngoe, nahana ka seithuti. (km 11/15 3) Mo bontše buka ea hao e lokiselitsoeng hantle

  • Mo khothaletse ho lokisetsa. Hang ha le qala ho ithuta, mo hlokomelise hore ho lokisetsa ke karolo ea lenaneo la ho ithuta Bibele ’me u mo hlalosetse melemo ea ho lokisetsa. Mo fe litlhahiso tsa kamoo a ka iphang nako ea ho lokisetsa. Ba bang ba kalima liithuti libuka tsa bona tse lokiselitsoeng nakong ea thuto e le hore ba li bontše melemo ea ho lokisetsa. Mo babatse ha a lokiselitse

  • Mo bontše kamoo a ka lokisetsang kateng. Ba bang ha ba qala ho ithuta ka lekhetlo la pele, ba sebelisa nako eo ho bontša seithuti hore na se ka lokisetsa joang