Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | MATHEU 25

“Le Lule le Lebetse”

“Le Lule le Lebetse”

25:1-12

Le hoja papiso ea Jesu e buang ka baroetsana ba leshome e ne e lebisitsoe ho batlotsuoa, molaetsa oa eona ke oa bohlokoa ho Bakreste bohle. (w15 3/15 12-16) “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.” (Mat. 25:13) Na u ka hlalosa papiso ea Jesu?

  • Monyali (Temana ea 1)—Jesu

  • Baroetsana ba masene ba ne ba itokisitse ((Temana ea 2)—Bakreste ba tlotsitsoeng ba ikemiselitseng ho phetha mosebetsi oa bona ka botšepehi ho fihlela qetellong, ba khanya joaloka maseli (Fil 2:15)

  • Ha tsoha mohoo: “Monyali ke enoa!” (Temana ea 6)—Bopaki ba ho ba teng ha Jesu

  • Baroetsana ba maoatla (Temana ea 8)—Bakreste ba tlotsitsoeng ba sa kang ba tšepahala le ho lula ba lebetse, ba tsoa ho ea kopana le Monyali

  • Baroetsana ba masene ba hana ho arolela ba bang oli (Temana ea 9)—Ka mor’a tiiso ea ho qetela, ho ke ke ha khoneha hore batlotsuoa ba tšepahalang ba thuse ba sa kang ba tšepahala

  • “Monyali a fihla” (Temana ea 10)—Jesu o tla ho tla ahlola ho elella qetellong ea matšoenyeho a maholo

  • Baroetsana ba masene ba kena moketeng oa lenyalo le monyali ’me ho koaloa monyako (Temana ea 10)—Jesu o bokella batlotsuoa ba tšepahalang ho ea leholimong ’me ba sa kang ba tšepahala ba lahleheloa ke moputso oa ho ea leholimong