Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Lengolo la Mohlala

Lengolo la Mohlala
  • Ngola aterese ea hao. Haeba u nahana hore ho ka ba kotsi hore u sebelise aterese ea hao, u ka sebelisa ea phutheho haeba baholo ba u lumella ho etsa joalo. Leha ho le joalo, le ka mohla u se ke oa sebelisa aterese ea ofisi ea lekala.

  • U ka ngola lebitso la motho eo u mo ngollang haeba u le tseba. Ho etsa joalo ho ka thusa ho hlakisa hore lengolo la hao ha se le mabapi le litaba tsa khoebo.

  • Tiisa hore u ngola mantsoe ka nepo le hore u sebelisa matšoao a puo hantle. Lengolo la hao le lokela ho ba makhethe. Haeba u ngotse ka letsoho, tiisa hore mongolo oa hao oa baleha. Sebelisa puo e loketseng ’me u qobe puo ea seterateng.

Lengolo le bontšitsoeng mona le hlakisa lintlha tsena. Ha oa lokela ho kopitsa lengolo lena lentsoe ka lentsoe. Ngola lengolo ho latela morero oa hao ka lona le ho latela maemo a sebaka seo u phelang ho sona.