Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Sebelisa Livideo ho Ruta Liithuti Tsa Hao

Sebelisa Livideo ho Ruta Liithuti Tsa Hao

Hangata motho ha a lebale ntho eo a e boneng ’me e mo thusa hore a hopole seo a ithutileng sona. Jehova Morupeli oa rona e Moholo, o ne a sebelisa lintho tseo batho ba ka li bonang ha a ne a ba ruta lithuto tsa bohlokoa. (Gen 15:5; Jer 18:​1-6) Jesu Mosuoe e Moholo, le eena o ile a etsa se tšoanang. (Mat 18:​2-6; 22:​19-21) Mokhoa o mong oa ho ruta o atlehang haholo lilemong tsa morao tjena ke oa ho sebelisa livideo. Na oa li sebelisa ha u khanna lithuto tsa hao tsa Bibele?

Hona le livideo tse 10 tseo re ka li sebelisang ha re khanna lithuto re sebelisa bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! Video ka ’ngoe e araba e ’ngoe ea lipotso tse ngotsoeng ka mongolo o motenya tse ka bukaneng. Haeba u bala bukana ena fonong kapa u sebelisa tablet, ho na le moo u tla penya teng e le hore u ka bapala video e loketseng. Ho boetse ho na le livideo tse ling tse tsamaisanang le lingoliloeng tseo re li sebelisang tšimong.

Ho thoe’ng haeba le ithuta sehlooho seo ho leng thata hore seithuti sa hao se ka se utloisisa? Na seithuti sa hao se kopane le bothata bo itseng? Kena ho jw.org/st® kapa khasong ea JW® e le hore u ka fumana video e ka mo thusang. Mohlomong le ka e shebella ’moho ’me la buisana ka eona.

Khoeli le khoeli ho lokolloa livideo. Ha u ntse u li shebelletse, nahana hore na u ka li sebelisa joang ha u ruta batho Bibele.