Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—Ho Ruta Batho ba Nang le Bokooa ba Pono ka Molimo

Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling​—Ho Ruta Batho ba Nang le Bokooa ba Pono ka Molimo

HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA?: Batho ba sa boneng ba ikutloa ba sa phuthulohe ho qoqa le batho bao ba sa ba tsebeng. Ka hona, ha ho bonolo ho ba ruta ka Jehova. Jehova o tsotella batho ba sa boneng. (Lev 19:​14) Re ka etsisa Jehova ka hore re thuse batho ba nang le bokooa ba pono hore e be metsoalle ea hae.

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • ‘Batla’ batho ba nang le bokooa ba pono. (Mat 10:​11)Na ho na le lelapa leo u le tsebang le nang le setho se nang le bokooa ba pono? Na tšimong ea heno ho na le sekolo kapa mokhatlo o hlokomelang batho ba nang le bokooa ba pono, ba ka thabelang lingoliloeng tse etselitsoeng batho ba sa boneng?

  • Ba tsotelle. Haeba u bontša hore u rata motho ea sa boneng ebile oa mo tsotella, u tla mo thusa hore a khobe matšoafo. Leka ho qala moqoqo ka ntho e melomong ea batho ba sebakeng seo.

  • Ba thuse hore ba fumane lingoliloeng tse ka ba thusang hore ba tsebe ka Jehova. Mokhatlo o lokiselitse hore ho be le lingoliloeng tsa mefuta e fapaneng e le hore o thuse batho ba sa boneng ho hang kapa ba sa boneng hantle. Botsa motho ea sa boneng hore na a ka rata hore a ithute joang. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho tiisa hore mohlanka oa libuka o etsa kopo bakeng sa sengoliloeng seo motho ea sa boneng a se batlang.