Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ke Tl’o Mema bo-Mang?

Ke Tl’o Mema bo-Mang?

Selemo le selemo re sebetsa ka thata ho mema batho ba tšimong ea rona hore ba tle Sehopotsong. Ba bangata ke batho bao re sa ba tsebeng ho hang. Re lokela ho mema le batho bao re ba tsebang. Hangata ha batho ba fumana memo e tsoang ho batho bao ba ba tloaetseng ba ba teng Sehopotsong. (yb08 11 ¶3; 14 ¶1) U ka mema bo mang?

  • Batho bao u amanang le bona

  • Batho bao u sebetsang le bona kapa bao u kenang sekolo le bona

  • Baahisane

  • Batho bao u ba etsetsang leeto la ho boela, bao u ntseng u ithuta Bibele le bona kapa bao u neng u ithuta le bona

Ntle ho moo, baholo ba ka mema batho ba seng ba sa tle libokeng. Ho thoe’ng haeba batho bao u ba tloaetseng ba lula hole le moo u lulang? E le hore u tsebe hore na Sehopotso sa moo ba lulang se tla tšoareloa hokae, u ka kena ho jw.org/st oa ea ho MABAPI LE RONA ebe u khetha “Sehopotso” e le hore u ka ba fumanela nako le sebaka se haufi le bona. Ha u ntse u itukisetsa Sehopotso sa selemong sena, nahana ka batho bao u ka ba memang ebe u ba fa memo.