Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | EKETSA THABO EA HAO BOBOLELING

Sebelisa Lentsoe la Molimo

Sebelisa Lentsoe la Molimo

Lentsoe la Molimo le na le matla. (Heb 4:​12) Le khona le ho finyella lipelo tsa batho ba sa tsebeng Molimo. (1Th 1:9; 2:​13) Re thaba haholo ha re bona motho a ananela taba eo a qalang ho e utloa ka Bibeleng.

SHEBELLANG VIDEO EA THABELA MOSEBETSI OA HO ETSA BARUTUOA​—NTLAFATSA TSELA EO U RUTANG KA EONA​—KA HO HATISA BOHLOKOA BA LENTSOE LA MOLIMO, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Nteboheleng o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo joang hore a thuse Lipontšo ho bona bohlokoa ba ho fumana likarabo Lentsoeng la Molimo?

  • Nteboheleng o ile a thusa Lipontšo joang hore a utloisise Lentsoe la Molimo ha a ne a mo kopa hore a balle temana holimo le ka ho hlalosa ntlha ea bohlokoa temaneng eo?

  • Ke’ng e bontšang hore lengolo leo le ile la finyella pelo ea Lipontšo, hona u nahana hore Nteboheleng o ile a ikutloa joang?