Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Khetha Metsoalle ka Bohlale

Khetha Metsoalle ka Bohlale

Ho na le ntho eo Bakreste ba ka ithutang eona ho se ileng sa etsahalla Baiseraele ha ba ne ba le lithoteng tsa Moabe. (1Ko 10:​6, 8, 11) Basali ba Bamoabe ba neng ba itšoere hampe ebile ba rapela litšoantšo ba ile ba susumetsa Baiseraele bao e neng e le metsoalle ea bona hore ba etse lintho tse mpe. Sena se ile sa etsa hore ho be le litla-morao tse bohloko. (Nu 25:9) Re phela le basebetsi-’moho, baithuti-’moho, baahisani, ba lelapa le batho ba bang ba sa rapeleng Jehova. Re ka ithuta’ng tlalehong ee ea Bibele mabapi le lintho tse bohloko tse ka re etsahallang haeba re le metsoalle ea batho ba sa rapeleng Jehova?

SHEBELLANG KAROLOANA EA VIDEO EA MEHLALA E RE LEMOSANG KAJENO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke maikutlo afe a fosahetseng ao Zimri le ba bang ba neng ba na le ’ona ao ba ileng ba a bolella Jamine?

  • Finease o ile a thusa Jamine joang hore a be le maikutlo a nepahetseng?

  • Ho na le phapang efe pakeng tsa ho tloaelana le motho ea sa sebeletseng Jehova le ho ba motsoalle oa hae?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho khetha metsoalle ka bohlale esita le ka phuthehong?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho buisana le batho bao re sa ba tsebeng mecheng ea puisano?