Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

U se ke Ua Etsisa Batho ba sa Tšepahaleng

U se ke Ua Etsisa Batho ba sa Tšepahaleng

Borabele ba Kora, Dathane le Abirame bo ne bo bontša hore ha ba tšepahalle Jehova ka ho hanyetsa boeta-pele boo a bo behileng. O ile a ba timetsa hammoho le bohle ba neng ba ba tšehetsa. (Nu 16:​26, 27, 31-33) Ke maemo afe a ka lekang botšepehi ba rona ho Jehova? Ke mehlala efe e hlahang ka Bibeleng e ka re thusang ho qoba ho etsisa batho ba sa tšepaheleng?

SHEBELLANG VIDEO EA U SE KE UA ETSISA BATHO BA SA TŠEPAHALENG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke boemo bofe bo lekang tumelo boo ’Neheng a ileng a ba ho bona hona o ile a thusoa ke mohlala ofe hore a tšepahale?

  • Ke ntho efe e ileng ea leka botšepehi ba mora oa bo rona ea soetsehileng, hona o ile a thusoa ke mohlala ofe?

  • Ke boemo bofe bo ileng ba leka Thabiso, hona o ile a thusoa ke mohlala ofe hore a lule a tšepahala?

  • Ke ntho efe e ileng ea leka botšepehi ba mora oa bo rona ea ntseng a le sekolong, hona ke mohlala ofe o ileng oa mo thusa?